POLELO EA LEKHOTLA LA MEKHATLO E IKEMETSENG (LCN) MABAPI LE
BOEMO BO TENG KA HARA NAHA BO TSOETSOENG KE BOIPELAETSO BA
MAFAPHA A MANG A SECHABA
 
 
   Menu  
 
  Commissions
  Current Projects
  Grants Management
  Monitoring and Evaluation
  News Updates
  LCN's Online Resource Center
 

 


Re le Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng (LCN), ho fihlile tlhokomelong ea rona re le mekhatlo e nang le kobo ea bohali litabeng tsa kanetso ea puso ea sechaba ka sechaba le litokelo tsa mantlha tsa botho hore nakong ena ea boipelaetso ho bile le khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho.

Ke ka ho tšoenyeha ho ho holo re hlokometseng hore boipilaetsong bona ho bile le ho thungoa hoa ba bang ba baipilatsi le bao e neng e se karolo ea baipilaetso bona. Re makala le ho hlolloa hore linakong tsa kajeno sepolesa sa rona sentse se sebelisa mekhoa e sa amoheleheng, e soto, e malimabe ea tšebeliso ea lithunya ho laola matšoele nakong ea bo ipelahetso.

Re supe, hore ho bohlokoa ho litsi tsa tšireletso ho ela hloko litokelo tsa mantlha tsa botho bosebeletsing ba Sechaba ele ho se ame bophelo ba sona.
 

Throngs of multitudes marching to the Prime-Minister’s office on Monday (21s Aug.). The group of ‘concerned citizens’ comprised of taxi operators, labour movement, tertiary students and some of national university’s lecturers had petitioned prime-minister on number of issues around the service delivery and corruption.


Re le lekhotla re tšoela ka mathe litlhaselo tse etsetsoang karolo engoe ea Sechaba le malapeng ‘moho le thepa ea bona. Re qholotsa sepolesa ho fuputsa litlolo tsena tsa molao le ho beha ba amehang makhotleng a molao, ‘me re tla beha taba ena leihlo ho fihlela e phethahetse.


Boipelaetso ke tokelo ea mantlha ea botho ‘me ba ipelaetsang bana le boikarabello ba ho ela hloko lipehelo tsa molao le ho hlompha litokelo tsa mantlha tsa botho. Pusong ea Sechaba ka Sechaba lipuisano ke motheo oa puso entle, khotso le tsamaiso ea sechaba. Ka hona ke boikarabello ba muso ho fa bohle monyetla le sethala sa lipuisano.

Reipiletsa ho mahlakore o hle a amehang ho kena lipuisanong tsena molemong oa khotso le botsitso ba naha.


Re ipiletsa le ho khothaletsa Sechaba sa Basotho ho amohelana le ho mamellana phapanyetsanong ea maikutlo litabeng tsa Sechaba. Re le ba lekhotla la mekhatlo e ikemetseng re lisitse taba tsena ka leihlo le nchocho le ka tebello ea hore polelo ea mohlomphehi tona kholo ea hore “mamati a lipuisano a ntse a butsoe” etla phethahala.

Molimo o boloke Lesotho le Basotho!!


Lira Theko,
President ea Lekhotla la Mekhatlo e Ikemetseng (LCN)

  © Lesotho Council of Non-Governmental Organizations - 2016   Web Master - Sesale Godfrey Masike